Kishore Kumar Hits

Jerusalema E Ncha C.W.J - Suna Maru текст песни

Исполнитель: Jerusalema E Ncha C.W.J

альбом: Golden Hits


Sona, marung o s'a hlaha,
Moahlodi wa batho!
Oa hlaha. Jo, hoa tshabeha
Ke tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,
Ke tsatsi ie bohloko!
O hlahile ka borena,
Ka mara a maholo;
Jo, o fahla le ka kganya,
Ke tsatsi le bohloko.
Jo 'na, jo 'na ...
Le mo tsebeng ka maqeba,
Ke eena, eena Jesu,
O n'a bolaeloa lona.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na ...
Ka lentswe lemo tsebile
A le bitsa haholo;
Empa ke kahlolo joale,
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na ...
O tseba tsa lona tsohle,
Diphiri, makunutu;
Bukeng tsa hae di ngodilwe.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na ...
Na o re'ng, moetsadibe,
O eme kae kajeno?
Baka se se se fedile.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na ...

Поcмотреть все песни артиста

Другие альбомы исполнителя

Похожие исполнители