Kishore Kumar Hits

Jerusalema Encha Gospel Choir - Sefapanong ke bohang текст песни

Исполнитель: Jerusalema Encha Gospel Choir

альбом: Go Roriswe


Sefapanong ke boha
Wena 'Moloki wa ka;
Madi a tsoang maqebeng,
Le metsi lehlakoreng,
Ka 'ona, ke re ntlhatswe, Ke be motle, ke loke.
Nka sebetsa joang le joang,
Ha ho letho le thusang;
Kapa e leng dikgapha,
Mahloko, mahlomola; Be se ke ke sa tlosoa, Hae se k'wena feela.
Leha nka tlisa gauta
Tsa lefatshe kaofela,
Ha di na ho tadingoa, Ha di na ho ntopolla. Ke tla ke tshepa wena, Ke se ke ka timela.
Ke se ke tla tsamaya
Eto la ho qetella;
Pel'a hao ha ke fihla, O se ke wa nteleka. Wena lefika la ka, Ke tshabetse ho wena.

Поcмотреть все песни артиста

Другие альбомы исполнителя

Похожие исполнители